Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:10 - BIBELE

10 Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse ha Samuele a ntse a etsa setjheso, Bafilesta ba atamela ho lohlanya ntwa le Baiseraele. Yaba Jehova o dumisetsa Bafilesta diaduma tse tshabehang tsatsing leo, a ba ferekanya, ba ba ba baleha pela Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:10
21 Referencias Cruzadas  

a fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa.


Lentswe la Morena le utlwahala hodima metsi, Modimo ya tlotlehang o a thwathwaretsa, Morena o hodima metsi a mawatle.


Lentswe la Morena le matla, lentswe la Morena le a tshabeha.


A otla dira tsa hae dibonong, tsa hlajwa ke dihlong ka ho sa feleng.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


“Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela.


Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”


Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.


Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”


Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos