Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:21 - BIBELE

21 Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:21
11 Referencias Cruzadas  

a ema, a tsamaya le setjhaba sohle se neng se ena le yena. O ne a eya Baala e Juda, ho ya lata areka ya Modimo hona teng, e nang le lebitso, e leng lebitso la Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime.


Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.


Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia.


“ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona.


E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona.


Jwale moedi wa sehwa ho tloha tlhorong ya thaba, ho ya fihla sedibeng sa metsi a Nefetwa; wa fetela metseng ya thaba ya Eferone. Wa boela wa sehwa ho ya Baala — ke yona Kiriate-Jearime.


Moedi wa sehwa, wa pota lehlakoreng le ka bophirimela, wa leba borwa, ho tloha thabeng e tadimaneng le Bete-Horone ka borwa, wa ya fella Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, motse wa bana ba Juda. Ena e ne e le karolo e ka bophirimela.


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos