Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:13 - BIBELE

13 Baahi ba Bete-Shemeshe ba ne ba hela koro ka kgohlong. Ha ba phahamisa mahlo ba bona areka, mme ba nyakalla ho e bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele ba Bethe-Shemeshe, ba be ba hela koro tsa bona sekgutlong; ha ba emisa mahlo, ba bona areka, mme ba thaba, ha ba e bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:13
3 Referencias Cruzadas  

Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.


Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.


Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos