Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:17 - BIBELE

17 Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:17
8 Referencias Cruzadas  

Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.


Baprista ba bona ba bolawa ka sabole, bahlolohadi ba se ke ba bina, ba bina kodi-ya-malla.


“ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng.


Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.


Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong.


Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?”


Yare ha eo a bua ka areka ya Modimo, Eli a wa setulong sa hae ka sanketse, a wela kgorong ya motse, a robeha molala, a shwa, hobane e ne e le monnamoholo wa pesola. E ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos