Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:13 - BIBELE

13 Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:13
17 Referencias Cruzadas  

Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.


Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Laya ngwana wa hao o sa na le tshepo, o se thohothellwe ho mmolaya.


Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.


Le wena ka pelong o tseba hantle, ke ka makgetlo ba bang le wena o ba rohaka.


“Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.


Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.


“Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng.


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.


“Ha monna a ena le mora ya manganga, ya sa utlweng ditaelo, ya sa mameleng ntatae, kapa ya sa mameleng mmae; ere leha ba mo kgalemela a sa ba mamele,


Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle.


Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,


Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos