Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 27:3 - BIBELE

3 Davida le banna ba hae ba jaka ha Akishe, naheng ya Gate. Monna e mong le e mong o ne a ena le ba lelapa la hae. Davida le yena o ne a ena le basadi ba hae ba babedi, e leng Ahinoame wa Jesereele, le Abikaele wa Karamele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a dula jwalo ho Akishe, Gathe, e le yena le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, le yena Davida a ena le basadi ba hae ba babedi, Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 27:3
7 Referencias Cruzadas  

Davida a nyoloha le banna ba neng ba ena le yena; monna ka mong a nyoloha le lelapa la hae, mme ba aha metseng ya Heborone.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


Ha Saule a utlwa hore Davida o balehetse Gate, a se ke a hlola a mmatla.


Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa.


Basadi ba Davida ba babedi, e leng Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele, le bona e ne e le bathopuwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos