Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 27:1 - BIBELE

1 Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 27:1
29 Referencias Cruzadas  

Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida.


Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!”


Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.


Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!”


Pherekanong ya ka ka ba ka re: “Ha ho motho ya tshepahalang!”


Ke bile ka re: “Ke mang ya tla mpha mapheo, mapheo a kang a leeba, ke tle ke fofe, ke yo phomola?”


Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: ‘Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta’? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”


Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?”


Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”


A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?”


Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”


Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.


Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”


Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele,


Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’


Mahosana a Bafilesita a nna a subuhlellana ka makgolo le ka dikete; Davida le bahlabani ba hae ba ena le Akishe, ya eba ba ho qetela.


Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos