Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:12 - BIBELE

12 Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:12
7 Referencias Cruzadas  

Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela.


Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe.


Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.


Jwale Davida a tshelela ka nqane, a hlwella hodima leralla le hojana, ho ena le sebaka se seholo pakeng tsa hae le Saule.


Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos