Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:8 - BIBELE

8 Hamorao Davida le yena a ema, a tswa ka lehaheng, a howeletsa Saule, a re: “Kgosi ya ka! Monga ka!” Ha Saule a hetla, Davida a obama, a isa hlompho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:8
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a bua le yena, a re:


Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!”


“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


Davida a kgalemela banna ba hae ka mantswe ana, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Yaba Saule o a ema, o tswa ka lehaheng, o ikela ka tsela ya hae.


Davida a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o mamela batho ba reng: ‘Itlhokomele, Davida o rata ho o ntsha kotsi?’


Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?” Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.”


Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?” Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.” Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos