Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:16 - BIBELE

16 Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:16
13 Referencias Cruzadas  

Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!”


Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng.


Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla.


Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.


Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?


Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao.


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Polelo e builweng ka nako ya yona e ka apole tsa kgauta ka sejaneng sa silefera.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona.


Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”


Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?” Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.”


Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos