Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:7 - BIBELE

7 Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:7
14 Referencias Cruzadas  

Davida a bala banna ba neng ba ena le yena; ba okamelwa ke balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo.


Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Ba bang ba morabe wa Benjamine le ba morabe wa Juda le bona ba ya ho Davida qhobosheaneng.


Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.


Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”


Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!


Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!”


Jwale Doege wa Moedomo, eo e neng e le mookamedi wa badisana ba Saule, a araba, a re: “Ke ne ke bone mora wa Jese ha a fihla Nobe, ho Ahimeleke, mora wa Ahitube.


Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos