Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 21:11 - BIBELE

11 Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re: “ ‘Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete?’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 21:11
8 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


Davida a tsamaya a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, a ya ho Akishe, mora wa Maoke, kgosi ya Gate.


Na hase yena Davida eo ba neng ba mmina metjekong, ba re: “ ‘Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete?’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos