Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:5 - BIBELE

5 Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:5
17 Referencias Cruzadas  

Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!” Mosadi a re: “Ho lokile!”


Hara wona ke timelo feela, bomenemene le mano di ke ke tsa sutha mabaleng a wona.


Phokolang pina, le tidinye meropa, le letse harepa, le letse le seletsa se modumo o monate.


Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.


Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.


Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.


Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.


Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang.


Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho.


Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.


Davida a ya ipata naheng. Ha kgwedi e se e thwasitse kgosi ya dula, ya eja.


Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”


Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: ‘Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos