Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:1 - BIBELE

1 Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:1
19 Referencias Cruzadas  

Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete.


Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”


Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.


Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.


Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!”


Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


Morena a ke a ahlole pakeng tsa rona le wena, mme Morena e be mophetetsi wa ka ho wena. Empa nna nke ke ka o isa letsoho.


Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.


Davida a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o mamela batho ba reng: ‘Itlhokomele, Davida o rata ho o ntsha kotsi?’


Davida a boela a re: “Ke ka baka lang, monga ka, ha o ntso phaladisa mohlanka wa hao? Ke entseng? Kapa ke na le morero ofe o mobe?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos