1 Samuele 2:10 - BIBELE10 Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae! Ver Capítulo |
Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”