Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:5 - BIBELE

5 Hohle moo Saule a neng a roma Davida teng, o ne a atleha, hoo Saule a bileng a mo e etsa mookamedi wa bahlabani. Hona ha thabisa setjhaba sohle, le balaodi ba Saule ba mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:5
20 Referencias Cruzadas  

Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena.


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Ke tla tsamaya ka hloko tseleng e lokileng; ekaba o tla tla neng ho nna? Ka tlung ya ka ke tla phela ka pelo e hlwekileng,


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.


Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.


Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.


Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele.


Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.


Jonathane a hlobola seaparo seo a neng a se apere, a se nea Davida. A mo nea le baki e entsweng ka tshepe, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le leqhama la hae.


Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos