Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:23 - BIBELE

23 Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:23
12 Referencias Cruzadas  

Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”


Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.


Mafutsana a hloilwe le ke ba ahisaneng le wona, empa barui ba na le metswalle e mengata.


Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”


Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: ‘Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi.’ ”


Bahlanka ba Saule ba mmolella, ba re: “Davida o buile tjena le tjena.”


Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos