Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:8 - BIBELE

8 Goliate a ema, a howeletsa mabotho a Baiseraele, a re: “Ke ka baka lang ha le futuha ka mabotho? Nna ke Mofilesita, lona le makgoba a Saule! Kgethang monna hara lona mono, a theohele ho nna mona!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A tla a ema, a hoeletsa makgotla a Iseraele, a re ho wona: Le tswetse eng, haele moo le hlopholotse makgotla? Ha ke re, nna ke Mofilesta, lona le bahlanka ba Saule na? Ikgetheleng monna, a theohele ho nna.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:8
5 Referencias Cruzadas  

Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”


Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”


Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Kgosi e tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa mehlape ya lona ya dikgutshwane, mme lona le tla ba bahlanka ba yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos