Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:52 - BIBELE

52 Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Banna ba Iseraele le ba Juda ba ema, ba hlaba ditlatse, ba phallela Bafilesta, ho isa sekgutlong le kgorong tsa Ekrone; Bafilesta ba nna ba wa ba hlabilwe, ho ya le tsela ya Shaaraime, ho ya fihla Gathe le Ekrone.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:52
10 Referencias Cruzadas  

A lwana senna, a bolaya Bafilesita ho fihlela letsoho le kgathala, le shwella bohatsu saboleng. Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo mohlang oo, mme hamorao bahale ba kgutla le mehlala ho tla hlobodisa ditopo.


Yaba kgosi ya Iseraele e ikakgela ntweng, e hapa dipere le dikariki tsa ntwa, Baarame bona ya ba etsa mofela.


Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.


Baiseraele ba morabe wa Nafthali, le ba morabe wa Ashere, le ba morabe wohle wa Manase, ba hlabelwa mokgosi, mme ba phaladisa Bamidiane.


Ha bana ba Iseraele ba kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, ba fihla ba hapa tse ka diahelong tsa Bafilesita.


Yaba ba isa areka ya Modimo motseng wa Ekerone. Ha areka ya Modimo e fihla Ekerone, baahi ba Ekerone ba howa, ba re: “Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Baiseraele ho tla re bolaya le ho tla bolaya setjhaba sa habo rona!”


Yaba ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, ba re ho tsona: “Re etseng ka areka ee ya Modimo wa Baiseraele?” Dikgosi tsa araba, tsa re: “Nkang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e ise Gate.” Yaba ba nka areka eo ya Modimo wa Baiseraele, ba e isa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos