1 Samuele 17:13 - BIBELE13 Bara ba Jese ba baholo, ba bararo, ba ne ba ile ntweng le Saule. Mabitso a bara bao ba hae ba bararo, ba neng ba ile ntweng, e ne e le Eliabe, letsibolo la hae, le Abinadabe ya mo hlahlamang, le Shamma, wa boraro. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Bara ba Jese ba bararo ba baholo ba ne ba latetse Saule ntweng. Mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ntweng, la wa matsibolo e ne e le Eliabe, la ya mo hlahlamang e le Abinadabe, la wa boraro e le Shamma. Ver Capítulo |
Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!”