Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:10 - BIBELE

10 Mofilesita eo a boela a re: “Kajeno ke phephetsa mabotho a Baiseraele. Mpheng monna, re tlo lwana!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:10
14 Referencias Cruzadas  

Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.


O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e mong wa bahale ba bararo ba Davida. O ne a ena le Davida mohla Bafilesita ba neng ba futuhile, mme Baiseraele ba ba baleha.


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo.


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


Yaba Davida o re ho Mofilesita: “O ntlela ka sabole, le ka lerungwana, le ka mophekapheka wa lerumo, empa nna ke tla ka lebitso la Morena wa mabotho, Modimo wa mara a Iseraele, ao o ntseng o a tlaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos