Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:18 - BIBELE

18 E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:18
16 Referencias Cruzadas  

Morena a ba le Josefa, ya eba monna ya nang le katleho, a phela tlung ya monga hae wa Moegepeta.


Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Mohlanka wa hao Joabe o entse hona hore a tle a tle tabeng ena ka lekeke. Empa monga ka o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, mme o tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.”


Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.


Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.


Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha. Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.”


Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng monna ya tsebang ho letsa hantle, le mo tlise ho nna mona.”


Saule a romela maqosa ho Jese, a re: “Nthomelle Davida, mora wa hao, eo e leng modisana wa dinku.”


Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.


Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos