Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:12 - BIBELE

12 Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha. Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A romela ke hona, a mo hlahisa; o ne a le mokgunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle. Ebile Jehova o re: Tsoha, o mo tlotse, hobane ke yena eo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:12
19 Referencias Cruzadas  

Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.


Tsena ke dipolelo tsa ho qetela tsa Davida: “Dipolelo tsa Davida, mora wa Jese, dipolelo tsa monna a phahamisitswe, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, kgeleke ya tjhaba sa Iseraele:


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo tlosa masakeng a dinku,


Mosadi eo a ithwala, a tswala mora. Ha a bona hore o motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.


Moratuwa o leredi, madi a thopohetse letlalong, ke yena pabala hara ba kete di shome;


Mahosana a ne a phatsima ho feta lehlwa, bosweu ba wona bo feta le ba lebese, mmele e le mesehla ho feta mabenyane, bokgabane ba wona e ka ba majwe a safire.


Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”


“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,


“Ke ka nako ena Moshe a ileng a tswalwa, mme a kgahleha ho Modimo. A hodisetswa habo ka kgwedi tse tharo.


Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi.


E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”


Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Ha Samuele a bona Saule, Morena a bua ho Samuele, a re: “Monna eo ke buileng ka yena ho wena ke enwa! Yena monna enwa o tla busa setjhaba sa ka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos