Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.
Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.
Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,