Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:1 - BIBELE

1 Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:1
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”


Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Haeba le ka tshaba Morena, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, la se ke la fetohela melao ya hae, mme lona le kgosi e le busang la latela Morena Modimo wa lona, le tla atleha.


Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.


Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:


“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos