Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”
A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.
Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;
Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”
Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”
Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba.
Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.”