Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:16 - BIBELE

16 Bo-modulaqhowa ba Saule ba Gibea e Benjamine ba lebella, mme ba bona letshwele le nyamela, le phasaphasa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:16
8 Referencias Cruzadas  

Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana.


Modimo a ke a tsohe, dira tsa hae di qhalane, ba mo hloileng ba mmalehe.


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.


Saule a re ho batho bao a neng a ena le bona: “Balang bahlabani, le bone hore na ba siyo ho rona ke bo-mang.” Ba ba bala, mme ba fumana ba siyo e le Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae.


Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos