Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:10 - BIBELE

10 Empa haeba ba ka re ho rona: ‘Nyolohelang ho rona,’ re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:10
8 Referencias Cruzadas  

Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: ‘Ako role nkgo ya hao ke nwe,’ ebe o re ho nna: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”


Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”


Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”


Gideone a re ho Modimo: “Haeba o ka fela wa namolela Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile,


Teng o tla utlwa tseo ba di buang. Kamora moo o tla matlafala, mme o be le sebete sa ho futuhela diahelo tsa bona.” Yaba bo-Gideone le Pura, mohlanka wa hae, ba theohela karolong e kathokothoko ya diahelo tseo bahlabani ba neng ba le ho tsona.


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


Haeba ba ka re ho rona: ‘Emang moo, ho fihlela re etla ho lona,’ re tla ema themelele! moo re leng teng, mme re ke ke ra nyolohela ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos