Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:5 - BIBELE

5 Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:5
21 Referencias Cruzadas  

ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


“Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.


Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.


Jwale Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng Davida, ntate, e ke e phethahale, hobane ke mona o nkentse kgosi ya setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe.


Sera se hapile Aiata, sa pholletsa hara Migerone, sa boloka thoto ya sona Mikemase.


Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”


Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


Baahi ba Samaria ba tla thothomela, ba thothometswe ke manamane, manamane a Bete-Afene. Tjhaba sa Samaria se tla llela namane eo, baprista ba yona le bona ba e llele, bona baprista ba neng ba e thabetse, ba nyakalletse tlotla ya namane, tlotla e seng e tlositswe, e tlositswe ho yona.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


“Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!


Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha,


Bana ba futuha, e le bona le mabotho wohle a bona. E ne e le batho ba bangata, ba jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle; e le letshwele, le dipere, le dikariki tsa ntwa tse ngata.


Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.


Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.


Bamidiane, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba ne ba hwaramane ka kgohlong jwaloka boiyane ba ditsie. Dikamele tsa bona di ne di ke ke tsa balwa, di le kaa ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata.


Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.


Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.


Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.


Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.


Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime.


Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos