Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:5 - BIBELE

5 Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.” Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:5
14 Referencias Cruzadas  

Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”


Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo.


Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.


O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.


“Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.


Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.


Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Kapa bona bana ba bolele molato oo ba o fumaneng ha ke ne ke eme kapele ho lekgotla;


Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.”


Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos