Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:18 - BIBELE

18 Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Samuele o bitsa ho Jehova, mme Jehova a dumisa diaduma, a nesa le pula tsatsing leo, mme setjhaba sohle sa tshaba Jehova le Samuele haholo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:18
10 Referencias Cruzadas  

Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.


Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele.


Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.


Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,


Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.


Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”


Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos