Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:5 - BIBELE

5 Bonang, Saule o ne a etswa masimong, a kganna dipholo, mme a re: “Setjhaba se jewa keng, ha se lla tjee?” Yaba setjhaba se mmolella ditaba tsa banna ba Jabeshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:5
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.


Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.


a mo tlohedisa nku tsa ditswetse, a mo disisa leloko la Jakobo, tjhaba sa hae, Iseraele eo e leng lefa la hae.


Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?


Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?”


Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos