Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:2 - BIBELE

2 Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Nahashe, Moammone a re ho bona: Ha nka hlaba selekane le lona, ke ha nka honya mahlo a matona a lona bohle, ke tle ke bee sekgobo jwalo hodima Baiseraele bohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:2
11 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla.


“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,


O rekisitse setjhaba sa hao o sa fumane letho, ha o a rua letho ka theko ya sona.


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.


Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona.


Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


Banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hosasane re tla tla ho wena, mme wena o tla re etsa sohle seo o bonang se lokile.”


“Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: ‘Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,’ empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos