Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:23 - BIBELE

23 Ba matha, ba mo lata hona moo. A ema hara setjhaba, a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba ba titima, ba mo ntsha teng, mme ha a eme hara setjhaba, o ne a feta bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:23
5 Referencias Cruzadas  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.


Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.


O ne a ena le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana ya mahlong, mme ho se na le ya mong wa bana ba Iseraele ya mo fetang ka letho. O ne a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos