Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:21 - BIBELE

21 Morabe wa Benjamine wa atametswa ka malapa a wona, mme ha kgethwa lelapa la morabe wa Matiri. Jwale ha atametswa banna ba lelapa la Matiri ka bomong, mme ha kgethwa Saule, mora wa Kishe. Ba mmatla, empa ba se ke ba mo fumana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, a atametsa leloko la Benjamine ka methapo ya lona, mme ha kgethwa mothapo wa Matri, ha ba ha kgethwa Saule, mora Kishe; a batlwa, a mpa a se ke a fumanwa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:21
7 Referencias Cruzadas  

Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.


Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.


Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.


Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane.


Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine.


Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?” Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.”


O ne a ena le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana ya mahlong, mme ho se na le ya mong wa bana ba Iseraele ya mo fetang ka letho. O ne a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos