Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:19 - BIBELE

19 Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:19
18 Referencias Cruzadas  

Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”


“Bua le bana ba Iseraele, mme o nke molamu o le mong lapeng le leng le le leng la bo-ntata bona, le ho mahosana wohle a bona, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E be melamu e leshome le metso e mmedi, o ngole lebitso la monna e mong le e mong hodima molamu wa hae.


“Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: ‘Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;’


Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.


Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.”


Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine.


“Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: ‘Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,’ empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.


Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.


Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.


Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.


Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.


Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang,


Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos