1 Samuele 1:21 - BIBELE21 Jwale monna wa hae Elekana, hammoho le bohle ba lelapa la hae, a nyoloha ho ya nyehella Morena ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng, le ho phetha kano ya hae. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)21 Monna eo Elkana le ba ntlo ya hae kaofela ba tloha ho ya hlabela Jehova sehlabelo sa dilemo tsohle le sa kano ya hae. Ver Capítulo |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”