Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 1:3 - BIBELE

3 Yaba ba batla morwetsana e motle ho feta bohle naheng ya Iseraele; ba fumana Abishake wa Moshuneme, mme ba mo isa ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:3
9 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”


Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A hlokomela kgosi, a e sebeletsa, empa kgosi ya se ke ya kena dikobong tsa hae.


Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!


Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.


Yaba bahlanka ba kgosi ba e sebeletsang ba re ho yona: “A ho ke ho batlelwe kgosi barwetsana ba batle.


Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.” Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo.


Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,


Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos