Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:30 - BIBELE

30 ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be jwaloka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be jwaloka hoja ba sa rua letho;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; le ba thabileng, ba be jwaloka hoja ba sa thaba; le ba rekang, ba be jwaloka hoja ba se na letho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; le ba thabileng, ba be jwaloka hoja ba sa thaba; le ba rekang, ba be jwaloka hoja ba se na letho;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:30
14 Referencias Cruzadas  

Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.


Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla hlomoha, le lle.


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;


ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos