Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:25 - BIBELE

25 Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:25
15 Referencias Cruzadas  

Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.


Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.


Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.


Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.


mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang.


Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo.


Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela.


Tabeng ena ya ho itshepa le ho ithorisa, ha ke bue ka ho ya ka thato ya Morena, empa ke bua ka bothoto.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos