Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:19 - BIBELE

19 Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Lebollo hase letho, le ho se bolle hase letho, empa ke ho boloka ditaelo tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Lebollo hase letho, le ho se bolle hase letho, empa ke ho boloka ditaelo tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:19
16 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.


athe dijo hase ntho e ka re atametsang ho Modimo. Ha re sa di je, re ke ke ra lahlehelwa ke letho; leha re ka di ja, re ke ke ra fumana letho.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai.


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos