Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:11 - BIBELE

11 Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mosadi a se ke a hlala monna wa hae — leha mosadi a se a mo hladile, a itulele a se ke a nyalwa; kapa a boelane le monna wa hae — le yena monna a se ke a hlala mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Empa haeba a hlala, a dule a sa nyalwa, kapa a boelane le monna wa hae; le monna a se ke a hlala mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Empa haeba a hlala, a dule a sa nyalwa, kapa a boelane le monna wa hae; le monna a se ke a hlala mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:11
10 Referencias Cruzadas  

Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.”


mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.”


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae.


“E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng ke monna e mong, o a feba.”


Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.


Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.


ba be ba mo lefise silefera e ka etsang boima ba kilo e le nngwe ba e nee ntata morwetsana, hobane monna eo o sentse morwetsana wa Iseraele lebitso. Leha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae, mme ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos