Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:8 - BIBELE

8 Ka hona a re etseng mokete ka bohobe bo sa lomoswang ba botshepehi le nnete, e seng ka tomoso yane ya kgale, tomoso ya bobe le bokgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ka baka leo, a re bolokeng mokete, e seng ka ditomoso tsa kgale, leha e le ka tomoso ya lonya le lonya; empa ka mahobe a sa lomoswang, a nnete le a nnete.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka baka leo, a re bolokeng mokete, e seng ka ditomoso tsa kgale, leha e le ka tomoso ya lonya le lonya; empa ka mahobe a sa lomoswang, a nnete le a nnete.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:8
34 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso.


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


“ ‘Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele.


Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona.


Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona.


Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.


Empa lona le tla bina difela, jwaloka mohla bosiu ba mokete o halalelang, pelo tsa lona di nyakalle sa ba letsang makodilo, ba a letsa ba eya thabeng ya Morena, ba eya ho Lefika la Iseraele.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.


Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.


Jesu a re ho bona: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le Basaduke.”


Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!”


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.


Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang.


Mohau o ke o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng.


“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile.


Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.


“Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena.


e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos