Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:2 - BIBELE

2 Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme lona le a ikgohomosa, mme haholo ha le a ka la lla, hore ya entseng ketso eo a tloswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme lona le a ikgohomosa, mme haholo ha le a ka la lla, hore ya entseng ketso eo a tloswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:2
16 Referencias Cruzadas  

Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao,’ ho rialo Morena.


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.


Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela.


Ha e le ba kantle, ke Modimo ya tla ba ahlola. “Tlosang ya kgopo kahara lona.”


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos