Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 5:10 - BIBELE

10 Ho hang ke ne ke sa bolele dihlola tsohle tsa lefatshe lena, kapa ditlofa, kapa dinokwane, kapa basebeletsi ba medimo ya bohata, hobane hoo ho ka le tlama ho falla lefatsheng lena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 e seng hore le ka kgaohana ruri le bafebi ba lefatshe lena, le ba lakatsang leruo, le mashodu, le ba rapelang ditshwantsho; hobane hoja ho jwalo, e be e ka kgona le tswe lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 E seng ka ho feletseng le dihlola tsa lefatshe lena, kapa ba meharo, kapa mashodu, kapa ba rapelang medimo ya bohata; gonne foo lo tshwanetse go tswa mo lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 E seng ka ho feletseng le dihlola tsa lefatshe lena, kapa ba meharo, kapa mashodu, kapa ba rapelang medimo ya bohata; gonne foo lo tshwanetse go tswa mo lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 5:10
18 Referencias Cruzadas  

Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.


“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.


Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.


A re ho bona: “Lona le ba tlase mona, nna ke wa hodimo; lona le ba lefatshe lena, nna ha ke wa lefatshe lena.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho.


Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo.


Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola.


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela.


Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos