Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:11 - BIBELE

11 Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane ha ho motho ya ka theang motheo o mong, haese o theilweng, e leng Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane ha ho motho ya ka theang motheo o mong, haese o theilweng, e leng Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:11
11 Referencias Cruzadas  

Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.


Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,


Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos