Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 2:3 - BIBELE

3 Ke fihlile ho lona ke fokola, ke tshaba, mme ke thothomela haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le nna ke bile hara lona ka mefokolo, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ke bile hara lona ka bofokodi, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ke bile hara lona ka bofokodi, le tshabo, le thothomelo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 2:3
22 Referencias Cruzadas  

Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.


Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda.


Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe.


Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle.


Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng.


Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona.


Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe ka tshabo, le ka thothomelo, le ka botshepehi, jwaloka hoja le sebeletsa Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos