Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 2:13 - BIBELE

13 Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke tseo re di bolelang, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le tse rutwang ke Moya o Halalelang; ka ho bapisa lintho tsa moea le tsa moea.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke tseo re di bolelang, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le tse rutwang ke Moya o Halalelang; ka ho bapisa lintho tsa moea le tsa moea.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 2:13
14 Referencias Cruzadas  

hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.


Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang.


Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo.


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang.


Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe?


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos