Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:8 - BIBELE

8 Hona haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya ka hlomellang ntwa?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hobane ha terompeta e ntsha modumo o sa utlwahaleng, ke mang ya ka itokisetsang ntwa?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane ha terompeta e ntsha modumo o sa utlwahaleng, ke mang ya ka itokisetsang ntwa?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:8
12 Referencias Cruzadas  

Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


“Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.


Le diletsa tse sa pheleng, tse kang lekodilo le lekoope, ha di sa qaqolohanye dinoto hantle, motho a ka tseba jwang pina eo di e letsang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos