Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:3 - BIBELE

3 Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa haele ya porofetang, o beela batho tsa kgahiso, tsa kgothatso, le tsa matshediso.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Empa ya porofetang o bua le batho ho aha, le ho kgothatsa, le ho tshedisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Empa ya porofetang o bua le batho ho aha, le ho kgothatsa, le ho tshedisa.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:3
42 Referencias Cruzadas  

A nna a kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella batho molaetsa o molemo.


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa.


Josefa, eo baapostola ba neng ba mmitsa Baranabase, e leng ho re Tshediso, Molevi ya tswaletsweng Sipera,


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Kaha le lona le labalabela dineo tsa Moya, batlang tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.


Leha wena o rapetse hantle, thapelo ya hao ya teboho ha e thuse motho eo.


Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.


Bohle le ka porofeta, empa e be ka tlhlahlamano, e le hore bohle ba tle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe.


Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Ke mo rometse hona hoo ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.


Ke ka lona lebaka lena ke mo romelang ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.


Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.


Kgothatso ya rona ha e etswe ka phoso, kapa ka morero o ditshila, kapa ka mano,


Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Ka hona tshedisanang ka thuto eo.


Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang.


Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo.


Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.


Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang.


Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang.


Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi.


Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona,


Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.


Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.


Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.


Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka thuso ya Silefanose, eo ke mo tadimang e le ngwanabo rona ya tshepahalang, ho le kgothatsa le ho paka hore mohau ona ke wona wa nnete, wa Modimo. Tiisetsang ho wona.


Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos